Esthere 6:8-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. ho ke ho tliswe seaparo sa borena se aparwang ke morena, le pere e palangwang ke morena, le moqhaka wa borena o rwalwang hloohong ya hae;

9. seaparo le pere di bewe matsohong a kgosana e nngwe ya morena ya tse kgolo; ho apeswe motho eo morena a ratang ho mo hlonepha; jwale, a tsamaiswe ka pere mapatlelong a motse, mme ho howeletswe kapele ho yena, ho thwe: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!

10. Yaba morena o re ho Hamane: Phakisa o nke seaparo le pere, jwalokaha o sa tswa bolela, mme o etse jwalo ho Mordekai, Mojuda ya dutseng pela monyako wa morena; o se ke wa lesa taba leha e le nngwe ya tsohle tseo o di boletseng.

11. Yaba Hamane o nka seaparo le pere, a ya apesa Mordekai, mme a mo tsamaisa ka pere mapatlelong a motse, a ntse a howeletsa kapele ho yena, a re: Ho etswa jwalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!

12. Mordekai a ntoo kgutlela pela monyako wa morena, Hamane yena a phakisa a ikela ha hae, a le maswabing, a ikgurumeditse hlooho.

Esthere 6