Esthere 1:19-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Jwale, ha morena a dumela, taelo ya mmuso e ke e etswe ho yena, mme e ngolwe bukeng ya melao ya Persia le Media, e be e se nang ho fetoha, ya ho re, Vashti a se ke a hlola a etla pela morena Assueruse, mme morena a ke a nee bofumahadi ba hae ho e mong ya mo fetang ka molemo.

20. Taelo e etswang ke morena e tla utluwa mmusong wohle wa hae, leha o le moholo, mme basadi bohle ba tla hlonepha banna ba bona, ho qala ka e moholo ho isa ho e monyenyane.

21. Mantswe ao a kgahlisa morena le mahosana, mme Morena a etsa ka mantswe a Memukane;

22. a romela mangolo dinaheng tsohle tsa morena, naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, ha thwe, monna ka mong e be hlooho tlung ya hae, mme a tumise hona ka puo ya setjhaba sa habo.

Esthere 1