Esekiele 33:6-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Haele sebohodi, ekare ha se bona lerumo le etla, se sa letse phala, mme setjhaba se sa eletswe, leha lerumo le ka tla, la ya le e mong wa bona, etlaba eo o shwele ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la sebohodi.

7. Haele wena, mora motho, ke o entse sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tla mamela lentswe le tswang molomong wa ka, o ba eletse ka lebitso la ka.

8. Ha nka re ho molotsana: Molotsana, kannete o tla shwa! ... ha o sa bue ho eletsa molotsana eo hore a furalle mokgwa wa hae, molotsana eo o tla timela ka bokgopo ba hae, empa ke tla batla madi a hae letsohong la hao.

9. Ha o mpa o eletsa molotsana hore a furalle mokgwa wa hae, leha a ke ke a furalla tsela ya hae, yena o tla timela ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.

10. Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?

11. Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?

Esekiele 33