Esekiele 23:21-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Wa rata ho ya bona bohlola ba botjha ba hao ba mohla Baegepeta ba neng ba pholla sefuba sa hao, ka baka la matswele a botjha ba hao.

22. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Oho Oholiba, bona, ke tla o tsosetsa barati ba hao, bao moya wa hao o ba hlobohileng, ke ba tlise ba etswa nqa tsohle ho tla o lwantsha:

23. e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.

24. Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;

25. ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.

26. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba o amohe mekgabo ya hao.

27. Ke tla o lahlisa bohlola ba hao le bootswa ba hao bo nnileng ba eba teng haesale o le Egepeta; ha o sa tla ba lelaletsa mahlo, ha o sa tla elellwa Egepeta.

28. Hobane Morena Jehova o re: Bona, ke tla o neela matsohong a bao o ba hloileng, le matsohong a bao moya wa hao o ba hlobohileng.

Esekiele 23