Esdrase 8:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ho bara ba Shekania, ke mora Jakasiele, a ena le ba batona ba makgolo a mararo;

6. ho bara ba Adine, ke Ebede, mora Jonathane, a ena le ba batona ba mashome a mahlano;

7. ho bara ba Elame, ke Esaia, mora Athalia, a ena le ba batona ba mashome a supileng;

8. ho bara ba Shefathia, ke Sebadia, mora Mikaele, a ena le ba batona ba mashome a robileng meno e le mmedi;

9. ho bara ba Joabe, ke Abdiase, mora Jehiele, a ena le ba batona ba makgolo a mabedi a nang le leshome le metso e robileng meno e le mmedi;

Esdrase 8