Esaia 7:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ka morena wa Assiria Jehova o tla o hlahisetsa, wena le setjhaba sa hao, le ntlo ya ntatao, matsatsi ao a jwaloka wona a esong ho bonwe, haesale le mohla Efraime a kgaohaneng le Juda.

18. Mehleng eo, Jehova o tla letsetsa dintsintsi tse phellong ya dinoka tsa Egepeta molodi, le dinotshi tse lefatsheng la Assiria.

19. Di tla tla, di dule kaofela dikgutlong tse dilomo, le mafarung a mafika, le dihlahleng tsohle, le makgulong wohle.

20. Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.

21. Mehleng eo, motho e mong le e mong o tla alosa sethole se le seng le dinku tse pedi.

22. Mme kahobane di tla sisa haholo, ba tla ja mafi, hobane e mong le e mong ya siilweng lefatsheng leo o tla ja mafi le dinotshi.

Esaia 7