Esaia 37:7-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena, oo ka wona, ha a utlwa taba e nngwe, a tla kgutlela naheng ya hae, ke mo dihe ka lerumo naheng ya hae.

8. Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna, hobane o ne a utlwile hoba o tlohile Lakishe.

9. Teng, a utlwa ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tla ho o lwantsha. Ha a utlwa taba eo, a romela manqosa ho Esekiase, a re ho wona: Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re:

10. O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, oo o o tshepileng ka ho re Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.

11. Bona, le wena o utlwile seo marena a Assiria a se entseng naheng tsohle, kamoo a di timeditseng kateng. Hleka wena o re, o tla phonyoha na?

12. Na medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di fedisitseng, Bogosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene ba leng Telasare, na e di namoletse na?

13. O kae morena wa Hamathe, le morena wa Arpade, le morena wa motse wa Sefarvaime, wa Hena, le wa Ivva?

14. Ebile Esekiase o nka lengolo matsohong a manqosa, a le bala; yaba Esekiase o nyolohela tlung ya Jehova, a le phutholla pela Jehova.

15. Esekiase a rapela pela Jehova, a re:

16. Oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, wena ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe!

17. Jehova, sekeha ditsebe tsa hao, o mamele! Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone; o mamele mantswe wohle ao Sankeribe a a rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang ka wona.

18. Jehova, kannete marena a Assiria a timeditse ditjhaba kaofela le dinaha tsa tsona;

19. a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.

20. Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!

21. Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ka thapelo eo o nthapetseng ka yona, bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria,

22. ke ena taba eo Jehova a e bolelang hodima hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokolletsa hlooho.

23. O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!

24. O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.

25. Ke tjhebile didiba, ka nwa metsi a tsona, mme ka bohato ba maoto a ka ke tla pshesa le dinoka tsohle tsa Egepeta.

26. Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.

Esaia 37