Esaia 28:3-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Moqhaka o ikgantshang wa matahwa a Efraime o tla hatakelwa ka maoto.

4. Palesa e ponang ya serwalo sa hae sa bokgabane, e hlorong ya sekgutlo se nonneng, e tla ba jwaloka feiye ya pele, kotulo e eso ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntshe letsoho, a e metse.

5. Tsatsing leo, Jehova wa magkotla e tla ba yena moqhaka wa mokgabo, le moqhaka o kganyang ho masala a setjhaba sa hae,

6. e be yena moya wa kahlolo ho ya dutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang dira ho isa dikgorong tsa motse wa tsona.

7. Empa le bona Bajuda ba diadielwa veineng, ba dikadika ke jwala; baprista le baporofeta ba diadielwa jwaleng, ba kgopiswa ke veine, ba diadielwa jwaleng, ba thekesela ha ba bona dipono, ba tetema ha ba ahlola.

Esaia 28