Diproverbia 29:18-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!

19. Mofo ha a bakiswe ka dipolelo; hobane, leha a ka utlwisisa, a ke ke a hlokomela.

20. O lemohile lehehle na? Lehlanya le ka tshepisa ho fetisa lona.

21. Mofo wa hao ha o mo etsa wa mpoane botjheng ba hae, hamorao o tla iketsa e mong wa bara ba hao.

22. Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.

Diproverbia 29