Diproverbia 15:17-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho ena le ho ja kgomo e nonneng, moo ho nang le hloyano.

18. Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.

19. Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.

20. Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae; empa ngwana ya lehlanya o nyedisa mmae.

Diproverbia 15