Diproverbia 12:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Motho o tla roriswa ho lekana bohlale ba hae; empa ya pelo e kgopo yena o tla nyediswa.

9. Ya nyediswang, a mpang a itshebeletsa, o fetisa ya ikakasang a se na bohobe.

10. Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.

11. Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe; haele ya ineelang tsa bosawana, ha a na kelello.

12. Takatso ya e mobe e tla mo isa sefing sa ba bolotsana; empa motso wa ya lokileng o bea ditholwana.

13. E mobe o tshwaswa ke molato wa melomo ya hae, empa ya lokileng o tla tswa tsietsing.

Diproverbia 12