Diproverbia 12:21-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ya lokileng a ke ke a tlelwa ke tsietsi; empa ba babe ba tla atelwa ke mahlomola.

22. Melomo e mano ke manyala ho Jehova; empa ba bolelang nnete ba mo kgahlisa.

23. Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.

24. Letsoho la motho ya mahlahahlaha le tla busa; empa ya botswa e tla ba mohlanka wa ba bang.

Diproverbia 12