Diproverbia 10:14-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ba hlalefileng ba ipokellela tsebo, empa molomo wa mawatla o fehla tshenyeho.

15. Menono ya morui ke qhobosheane ya hae, empa bomadimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha wona.

16. Ya lokileng o sebeletsa ho phela, empa ya sa lokang o ruela sebe.

17. Ya elellwang tayo o tshwere tsela ya bophelo, empa ya hanang nyatso o a lahleha.

18. Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.

19. Dipolelong tse ngata, tshito ha e hlokwe; ka baka leo, ya itshwarang molomo o bohlale.

20. Leleme la ya lokileng ke silefera e hlwekileng; empa pelo ya e mobe ke lefeelafelane.

21. Molomo wa ba lokileng o phedisa ba bangata, athe mawatla a timela ke ho hloka kelello.

Diproverbia 10