Dipesaleme 96:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Binelang Jehova sefela se setjha; binelang Jehova, lona, baahi bohle ba lefatshe!

2. Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae, le bolele poloko ya hae ka matsatsitsatsi.

3. Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle!

Dipesaleme 96