Dipesaleme 92:8-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Empa wena, Jehova, o ntse o le Mookamedi ya phahameng ka ho sa feleng.

9. Hobane dira tsa hao, Jehova, dira tsa hao di a fela, ba sebetsang bobe kaofela ba qhalwa.

10. O emisa lenaka la ka jwaloka la nare, ke tlotsitswe ka ole e ntjha;

11. bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, ditsebe tsa ka di utlwe tshenyeho ya ba bolotsana, ya ba mphahamelang.

Dipesaleme 92