Dipesaleme 86:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, sekeha tsebe ya hao, o nkarabele, hobane ke ya madimabe, ke ya lesitsi.

2. Boloka moya wa ka, hobane ke e mong wa batshepehi ba hao! Thusa mohlanka wa hao ya o tshepang, wena, Modimo wa ka!

3. O nkgauhele, Morena, hobane ke bitsa ho wena tsatsi lohle!

Dipesaleme 86