Dipesaleme 73:12-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ba tadimeng ba babe bao! Ba iketla kamehla, ba totisa matlotlo a bona.

13. Ke feela ha ke hlwekisitse pelo ya ka, leha ke hlatswitse matsoho a ka bosweung;

14. ke otlwa ka matsatsi wohle, ke lauwa kameso yohle.

15. Hola nka re: Ke tla bua jwalo, moo e ka be e le ho eka moloko wa bana ba hao.

16. Yaba ke a nahana hore ke utlwisise taba tseo, mme ka fihlela hoba ke mosebetsi o thata,

17. ho fihlela ha ke kena sehalalelong sa Modimo, ya eba moo ke elang bofello ba batho bao hloko.

Dipesaleme 73