10. marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.
11. Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.
12. Hobane o tla boloka ya lesitsi ha a howa, le ya madimabe ya hlokang mothusi;
13. o tla utlwela ya madimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ya lesitsi;
14. o tla ba lwela bohorohosong le botubong, madi a bona e be ntho e hlokwang mahlong a hae.
15. Ba tla nne ba phele, ba mo nee dikgauta tsa Seba, ba mo rapelle ka dinako tsohle, ba nne ba mmoke kamehla.
16. Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.