Dipesaleme 71:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane wena, Morena, o tshepo ya ka; esale le botjheng ba ka, ke beile tshepo ya ka ho wena, Jehova.

6. Esale le popelong ya mme, ke itshetlehile ka wena. Ke wena ya nntshitseng maleng a hae; o tla nne o roriswe ke nna kamehla.

7. Ho ba bangata ke ka mohlolo; empa wena o setshabelo sa ka se matla.

8. Molomo wa ka o tletse dithoko tsa hao, ke ntse ke o rorisa ka matsatsi wohle!

Dipesaleme 71