Dipesaleme 48:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo.

3. Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.

4. Hobane bonang, marena a ne a bokane ho futhuhela motse hammoho.

5. A bona, mme a tsieleha hang; a tshoha, mme a baleha;

6. yaba a tshwarwa ke thothomelo le ke matswalo a kang a mosadi ha a beleha;

Dipesaleme 48