Dipesaleme 43:3-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Romela lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di nkise thabeng e kgethehileng ya hao, le meahong ya hao,

4. ke tle ke finyelle aletareng ya Modimo, ho Modimo oo ke o thabelang ka hlasimoloho, ke o binele ka harepa, Modimo, Modimo wa ka!

5. Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.

Dipesaleme 43