9. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, o se ke wa leleka mohlanka wa hao ka kgalefo! O thuso ya ka! O se ke wa ntahla, o se ke wa ntlohela, Modimo wa poloko ya ka!
10. Leha ntate le mme ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.
11. Jehova, o mpontshe tsela ya hao, o ntsamaise tseleng e lokileng, ka baka la bao e leng dira ho nna.
12. O se ke wa nneela thatong ya ba ntwantshang! Hobane dipaki tsa leshano di mphahametse, di befile ka ho ntsohela matla.