Dipesaleme 22:7-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho,

8. ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!

9. Efela ke wena ya nntshitseng popelong, wa nna wa ntshepisa matsweleng a mme,

10. ka nna ka o tshepa esale ke tswalwa; esale le mpeng ya mme o le Modimo wa ka.

11. O se ke wa ba hole le nna, hobane matswalo a haufi, mme ha ke na ya nthusang.

12. Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.

13. Di ahlamisetsa melomo ya tsona ho nna jwaloka tau e harolang, e purumang.

14. Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;

Dipesaleme 22