Dipesaleme 16:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ho atiswa medimo ya bohata, ho nyehellwa medimo esele. Nke ke ka hlahisa ditshelo tsa yona tsa madi, mabitso a yona a ke ke a hlaha melomong ya ka.

5. Jehova ke kabelo ya ka, ke mohope oo ke o abetsweng; ke wena ya ntiiselletsang lefa la ka.

6. Ke neilwe kabelo ya ka nqalong tse ntle, le lefa la ka dinaheng tse kgahlehang.

7. Ke rorisa Jehova, hobane e bile moeletsi wa ka; esita le ka bosiu pelo ya ka e a nkeletsa.

8. Ke beile Jehova pela ka kamehla; nke ke ka sisinyeha, hobane o lehlakoreng la ka le letona.

9. Pelo ya ka e thabile ke hona, moya wa ka o nyakaletse, le yona nama ya ka e tla phomola ka tshepo;

10. hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.

11. O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.

Dipesaleme 16