Dipesaleme 115:13-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. o tla hlohonolofatsa ba tshabang Jehova, ba banyenyane le ba baholo.

14. Jehova o tla le atisa, lona le bana ba lona.

15. Le bahlohonolofatswa ba Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.

16. Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho.

17. Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nqalong e kgutsitseng;

Dipesaleme 115