Dipesaleme 104:4-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. O etsa meya manqosa a hae, malakabe a mollo ke bahlanka ba hae.

5. O tiisitse lefatshe metheong ya lona; le ke ke la sisinyeha le ka mohla o le mong.

6. O ne o le kgurumeditse ka bodiba jwaloka hoja ke kobo, metsi a ne a eme dithabeng;

7. eitse ha o kgalemela, a baleha; ha a utlwa lentswe la diaduma tsa hao, a phakisa a itshuthisa;

Dipesaleme 104