Diketso 28:28-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Tsebang jwale hore poloko eo ya Modimo e romelwa ditjhabeng, mme di tla e utlwa.

29. Mme eitse hobane a ba bolelle jwalo, Bajuda ba ikela, kgang e kgolo e le teng hara bona.

30. Pauluse a hlola dilemo tse pedi ka tlung eo a e adimileng, a ntse a amohela bohle ba tlang ho yena.

31. A nna a bolela mmuso wa Modimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiya hohle, a se ke a thibelwa ke motho.

Diketso 28