1. Yare ha Festuse a fihlile naheng eo, a dula Sesarea matsatsi a mararo, a ntoo fetela Jerusalema.
2. Yaba moprista e moholo le baholo ba Bajuda ba itlhahisa ho yena ho qosa Pauluse; ba mo rapela,
3. ba kopa hore a ba thabise ka ho mo romela Jerusalema, kanthe ba mo laletse, hore ba tle ba mmolaye tseleng.
4. Empa Festuse a ba araba ka ho re, Pauluse o lebetswe Sesarea, hape a re, le yena o se a tla phakisa ho theohela teng;
5. a ba a re: Bao e leng dihlooho ho lona ba ka tla le nna; ekare ha molato o mong o le teng ho monna eo, ba ke ba mo qose ka wona.
6. Yare hobane a hlole ho bona ditshiu tse sa feteng tse robileng meno e mmedi kapa tse leshome, a boela Sesarea; ka le hlahlamang a dula setulong sa kahlolo, mme a laela hore Pauluse a tliswe.