Diketso 19:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse ha Apolose a sa le Korinthe, Pauluse a haola dinaha tsa Asia tse kahodimo, a tla Efese, mme teng a fihlela barutuwa ba bang.

2. A re ho bona: Na le amohetse Moya o Halalelang, mohla le dumelang na? Yaba ba re ho yena: Ha re eso ho utlwe hore Moya o Halalelang o teng.

3. A re ho bona: Le kolobeditswe ka kolobetso efe na? Ba re: Ka kolobetso ya Johanne.

4. Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.

5. Eitse ha ba utlwa hoo, ba kolobetswa lebitsong la Morena Jesu.

Diketso 19