Diketso 16:26-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.

27. Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.

28. Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.

29. Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.

30. A ntoo ba ntshetsa ntle, a re: Benghadi, e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha?

31. Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!

32. Ba ntoo mmolella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae.

33. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.

Diketso 16