Daniele 3:20-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. A laela banna ba makgotla a hae ba fetisang ka matla ho tlama Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, le ho ba akgela seboping sa mollo o bohale.

21. Yaba batho bao ba tlangwa le dihempe tsa bona, le dikojwana tsa bona, le dikobo tsa bona, le diaparo tse ding tsa bona, ba ntoo akgelwa seboping sa mollo o bohale.

22. Mme kahobane taelo ya morena e ne e le thata, le kahobane sebopi se ne se besitswe ka ho fetisisa, batho bao ba akgetseng Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego ba eshwa ke lebatama la mollo.

23. Haele banna bao ba bararo, Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, ba wela, ba tlamilwe, seboping sa mollo o bohale.

24. Yaba morena Nebukadnesare o a tsieleha; a tshoha, a ema, a bua, a re ho baeletsi ba hae: Ha ke re, re akgetse batho ba tlamilweng ba le bararo hara mollo?

25. Ba araba, ba re ho morena: Ho jwalo, morena! A bua, a re: Bonang, ke bona batho ba bane ba tsamaya hara mollo ba lokolohile, ha ho bonahale tshenyeho ho bona, mme e mong wa bona o bonahala jwaloka hoja e le mora wa medimo.

Daniele 3