Daniele 3:16-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena.

17. Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.

18. Leha ho se jwalo, o tsebe, morena, hobane re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, re ke ke ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.

19. Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.

20. A laela banna ba makgotla a hae ba fetisang ka matla ho tlama Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, le ho ba akgela seboping sa mollo o bohale.

21. Yaba batho bao ba tlangwa le dihempe tsa bona, le dikojwana tsa bona, le dikobo tsa bona, le diaparo tse ding tsa bona, ba ntoo akgelwa seboping sa mollo o bohale.

Daniele 3