Daniele 3:13-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Yaba Nebukadnesare o ba bohale, a halefa, a re, ho tliswe Shadrake le Meshake le Abede-Nego. Banna bao ba tliswa pela morena.

14. Nebukadnesare a bua, a re ho bona: Lona Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, hleka le entse ka boomo na, ha le sa sebeletse medimo ya ka, le sa kgumamele setshwantsho sa kgauta seo ke se emisitseng na?

15. Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?

16. Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba araba taba eo, ba re ho morena Nebukadnesare: Ha re a tshwanela ho o arabela letho tabeng ena.

Daniele 3