42. O tla isa letsoho la hae dinaheng tse ngata, le yona naha ya Egepeta e ke ke ya phonyoha.
43. O tla ikgapela maruo a dikgauta le a disilefera, le a tsohle tse lakatsehang tseo Egepeta a nang le tsona; Balibia le Baethiopia ba tla latela mehlala ya hae.
44. Empa botjhabela le leboya, ho tla tswa medumo e tlang ho mo tshosa, mme o tla futuha ka kgalefo e kgolo ho ya bolaya le ho senya ba bangata.
45. O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa mawatle mabapa le thaba e kgethehileng, e kganyang: leha ho le jwalo, o tla fela, ho se ya mo thusang.