Daniele 11:31-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Makgotla a tswang ho yena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsweng qhobosheane; a tla fedisa sehlabelo sa kamehla, mme bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofediso.

32. Ka diqeko tsa hae o tla hulela ba tlolang selekane bokwenehing; empa setjhaba sa ba tsebang Modimo wa bona se tla tiya, se sebetse;

33. ba hlalefileng ba hara setjhaba ba tla ruta ba bangata; empa ba bang ba tla fediswa ke lerumo, le ke malakabe, le ke kgoleho, le ke tlatlapo ka matsatsi a mang.

34. Empa leha ba ka wa, ba tla bona thuso e se ekae, mme ba bangata ba tla ikopanya le bona ka boikaketsi.

35. Hara ba hlalefileng ho tla wa ba bang, hore ba lekwe, ba hlatsuwe, ba sweufatswe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le yona taba eo e beetswe nako e beilweng.

36. Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.

Daniele 11