Baroma 5:18-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ka baka leo, jwalokaha ho tlola ha motho a le mong ho tlisitse tsuo hodima batho bohle, ka mokgwa o jwalo ho loka ha motho a le mong le hona ho tlisetsa batho bohle ho loka ho neang bophelo.

19. Hobane jwalokaha ba bangata ba beilwe baetsadibe ka ho se utlwe ha motho a le mong, ka mokgwa o jwalo, ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka ho utlwa ha a le mong.

20. Empa molao o hlahile hore tlolo e ngatafale; mme moo sebe se ngatafetseng, mohau le wona o ngatafetse kahodimo;

21. hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.

Baroma 5