Baheberu 6:13-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse:

14. Ruri, ke tla o hlohonolofatsa, ke be ke o hlohonolofatse, ke tla o atisa, ke be ke o atise.

15. Mme Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neilweng seo a neng a se baletswe.

16. Efela batho ba ye ba hlapanye ka ya ba fetisang, mme ha ho tiiswa taba ka kano, ke moo dikgang tsohle tsa bona di felang.

Baheberu 6