4. Hape, ha ho motho ya ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, haese ya e bileditsweng ke Modimo, jwaloka Aarone.
5. Esitile Kreste le yena ha a ka a inea kganya ya boprista bo boholo, empa o e neilwe ke ya itseng ho yena: O Mora ka, ke o tswetse kajeno.
6. Jwalokaha lengolong le leng ho itswe: Wena, o moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.
7. Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
8. leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.
9. Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,
10. mme Modimo o mmoletse hore ke moprista e moholo, ka mokgwa wa Melkisedeke.