Bafilipi 2:2-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. le ke le phethise thabo ya ka, ka ho ba le kgopolo e le nngwe, le lerato le le leng, le moya o le mong, le ho ikutlwa ho le hong feela.

3. Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.

4. E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.

5. Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste;

6. eo leha a ne a ema ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya hobane o a utswa ha a iketsa ya lekangang le Modimo;

7. athe o iphedisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ya tshwanang le batho.

8. Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.

9. Ke ka baka leo Modimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, mme o mo neile lebitso le hodima mabitso wohle;

Bafilipi 2