7. eo ke entsweng mohlanka wa yona, ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.
8. Mohau oo o neilwe nna, ke leng e monyenyane ho bahalaledi bohle, wa hore ke bolele hara baditjhaba monono o sa fihlelweng wa Kreste,
9. mme ke pepese pela bohle ditaba tsa sephiri seo, se neng se patilwe, mehla ya bohloleho e eso ho qale, ka ho Modimo o hlodileng dintho tsohle;
10. hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,
11. ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;
12. eo re dumeletsweng ka yena ho atamela ho Modimo ka tshepo, ka tumelo eo re nang le yona ho yena.