46. Bohle banna ba Benjamine ba bolailweng tsatsing leo ya eba banna ba kete tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ba pshemolang sabole, banna ba bahale kaofela ha bona.
47. Empa banna ba makgolo a tsheletseng ba kgeloha, ba balehela feelleng, lefikeng la Rimmone, mme ba dula lefikeng la Rimmone kgwedi tse nne.
48. Banna ba Iseraele ba kgutlela ho bana ba Benjamine ba setseng, ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ho qala ka banna ba motse ho isa dikgomong, le nthong tsohle tse teng; ba tjhesa le metse ya teng kaofela.