11. Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.
12. Ba furalla Jehova, Modimo wa bontata bona, ya neng a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta, mme ba latela medimo esele, e leng medimo ya ditjhaba tse ba teetseng hare, ba e kgumamela, mme ba halefisa Jehova.
13. Ba furalla Jehova, mme ba sebeletsa Baale le boAshtarothe.
14. Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.