6. Ke moo re tla reka bafumanehi ka tjhelete, le mafutsana ka seeta, re rekise le ka ditlhoka tsa koro.
7. Jehova o hlapantse ka kganya ya Jakobo, o re: Nke ke ka ba ka lebala ketso tsa lona tsohle ho isa ka ho sa feleng.
8. Ka baka la tseo, na lefatshe le ke ke la sisinyeha, ho swabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lona, jwaloka noka, la phahama, la ntoo kokobela jwaloka noka ya Egepeta?